Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Deuteronoma 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Deuteronoma 1:1
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.


Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.


Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.


bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.


Setjhaba sa tloha Kibrothe-Hattaava, sa tla Hatserothe, mme sa emisa Hatserothe.


Kamora tseo setjhaba sa tloha Hatserothe, sa tla emisa lefeelleng la Parane.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.


mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.


Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.


Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.


Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.


Le tla bea metse e meraro ka mose o kwano ho Jordane, mme le tla bea e meraro naheng ya Kanana; e tla ba metse ya setshabelo.


Ra feta jwalo, ra kwekwetla banababo rona, bana ba Esau ba ahileng Seire, le tsela ya lehwatata, le Elathe, le Etsione-Gebere, ra ntoo fapoha, ra ya tsamaya ka tsela ya lefeella la Moabe.


Moshe le baholo ba Iseraele, ba laela setjhaba, ba re: Bolokang ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Moshe a boela a ya, mme a bolella Iseraele kaofela ditaba tseo;


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.


Moshe o ne a neile mothapo o mong wa leloko la Manasse lefa naheng ya Bashane; mme mothapo o mong o ne o neilwe lefa ke Joshua hammoho le banababo bona, mose o mong wa Jordane, nqa bophirimela. Joshua, ha a ba kgutlisetsa tenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


le tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore, a mose wane wa Jordane, e leng Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe.


Mohlang oo, Samuele a shwa, mme Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, mme ba mo epela ha hae Rama. Mme Davida a tloha, a theohela feelleng la Parane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ