Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 9:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 9:27
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


Yaba ke utlwa e mong wa bahalaledi a bua; mohalaledi e mong a araba ya buileng, a re: A makae matsatsi a badilweng ke pono eo bakeng sa sehlabelo sa kamehla, le bakeng sa sebe se senyang? Sehalalelo le makgotla a tla hlolwa, a hatakelwe ho isa kae?


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano;


Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —


hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;


Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Mme ka mokgwa oo, Baiseraele bohle ba tla bolokeha, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Molopolli o tla tswa Sione, mme o tla tlosa nyefolo ho Jakobo;


Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.


Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ