Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 9:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 9:20
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


Mohlang oo, nna Daniele, ka ba dillong ka veke tse tharo,


O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.


hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ