Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 7:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Manaka a leshome a tswang mmusong ona, wona ke dikgosi tse leshome tse tla ba teng. Kgosi e nngwe, e sa tshwaneng le tseo tsa pele, e tla di hlahlama, mme e hlole dikgosi tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 7:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Haele ka seo o se boneng, hoba maoto le menwana ya sona ka nqa e nngwe e le letsopa la mmopi wa dipitsa, ka nqa e nngwe e le tshepe, ke hobane mmuso oo e tla ba mmuso o arohileng; empa ho wona ho tla ba ho kang matla a tshepe, hobane o bone tshepe e kopantsweng le letsopa.


le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.


A bua, a re: Sebatana sa bone ke mmuso o mong wa bone, o tlang ho ba teng lefatsheng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, mme o tla rusolla lefatshe kaofela, o le hatakele, o le silakanye.


Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.


Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.


La nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefodi, se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ