Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:
Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!
ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.
Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.
Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.