Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 6:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bana ba babolai ha a ka a ba bolaya, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya molao wa Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


e leng bara ba leshome ba Hammane, mora Hammedatha, motshwenyi wa Bajuda; empa ha ba ka ba hapa letho.


Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.


O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!


Ya lokileng o lwelwa tsietsing, empa bakeng sa hae ho wela ya sa lokang.


Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo; ya bolelang mashano o tla timela.


Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe.


Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.


Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ