Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 6:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha a fihla lemeneng, a bitsa Daniele ka lentswe le hlomohileng; morena a bua, a re ho Daniele: Daniele, mohlanka wa Modimo o phelang, Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, na o tsebile ho o namolela ditaung na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 6:20
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla.


Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.


Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!


Empa jwale ke ntse ke o kgomarela, o ntataisa ka letsoho la ka le letona.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!


Yaba morena o tsoha e sa le hosasa, a phakisa a ya lemeneng la ditau.


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.


Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.


Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.


Hobane ha ho letho le ke keng la etswa ke Modimo.


Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!


Haele rona, re tla nne re tiisetse thapelong, le tshebeletsong ya lentswe.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,


Tiisetsang thapelong, mme le e fadimehele ka teboho.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ