Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba ba re ho kgosi: “Daniele, e mong wa bathopuwa ba tswang naheng ya Juda, ha a re letho ka wena, kgosi, leha e le ho natsa taelo eo o e entseng; o ntse a rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 6:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.


Hara bona, ho ne ho na le Daniele, Hanania, Mishaele, le Asaria, ba leloko la Juda.


Yaba Arioke o phakisa ho isa Daniele pela morena, a re ho yena: Ke fumane motho hara batshwaruwa ba Juda, ya tlang ho tsebisa morena kwahollo ya toro.


leha e ka ba mang ya sa tlong ho kgumama a rapela, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.


Jwale, ho na le banna ba Bajuda, bao o ba beileng ho busa dinaha tse ka mathoko, boShadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ha ba re letho ka wena, morena, ha ba sebeletse medimo ya hao, ha ba kgumame pela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;


Yaba Daniele o tliswa pela morena. Morena a bua, a re ho Daniele: A ke wena Daniele wa batshwaruwa ba Bajuda bao morena ntate a ba ntshitseng Juda na?


Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ