Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!
Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.
Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.
Hlooho ya setshwantsho seo e ne e le ya kgauta e tshekehileng, sefuba le matsoho a sona e le a silefera, mpa le matheka a sona e le a koporo, meomo e le ya tshepe,