Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 leha ho le jwalo, o tla hlompha modimo wa diqhobosheane nqalong ya wona; modimo o sa kang wa tsejwa ke bontatae, a o hlomphe ka dikgauta le disilifera, ka majwe a bohlokwa le ka dikgabiso tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:38
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba etsang ditshwantsho ke lefeela; mesebetsi ya bona e roriswang ka ho fetisa ha e thuse letho; ditshwantsho tseo ke dipaki tsa hoo, ha di bone, ha di na tsebo, ba tle ba hlabiswe dihlong.


A ke ke a hlokomela medimo ya bontatae, leha e le modimo o thabelwang ke basadi, mme a ke ke a re letho ka modimo ofe le ofe, empa o tla ikgohomosetsa yona kaofela;


Ke ka modimo osele a tla futuhela diqhobosheane tse thata; ba o rapelang o tla ba hlonepha ka hlompho e kgolo, a ba bee ho busa ba bangata, a ba abele dinaha, e be moputso wa bona.


Empa lehlomela la metso ya hae le tla hlaha tulong tsa hae; o tla tla ntweng, a kene diqhobosheaneng tsa morena wa Leboya, a etse ka tsona kamoo a ratang kateng, mme o tla hlola.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ