Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ba bang ba ba bohlale ba tla kgoptjwa, e le hore ba tle ba lekwe, ba hlwekiswe, ba ntlafatswe, ho fihlela nako ya bofelo e beilweng e fihla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:35
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.


Ka nako e beilweng, o tla boela a futuhele morena wa Borwa, mme taba tsa qetello di ke ke tsa tshwana le tsa ho qala.


ba hlalefileng ba hara setjhaba ba tla ruta ba bangata; empa ba bang ba tla fediswa ke lerumo, le ke malakabe, le ke kgoleho, le ke tlatlapo ka matsatsi a mang.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


la lelefala ho isa makgotleng a lehodimo, la dihela makgotla a mang le dinaledi tse ding fatshe, la di hatakela;


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.


Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.


Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; hobane nako ya ho kotula e fihlile, hobane koro ya lefatshe e butswitse.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ