Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Daniele 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 O tla kena nakong ya kgotso karolong tsa naha tse fetisang ka monono, mme o tla etsa se sa kang sa etswa ke bontatae le ke bontatae moholo; o tla arola kgapo le thepa le maruo, a rere ho heletsa diqhobosheane, a etse hoo ho isa nakong e beilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Daniele 11:24
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.


Mpho ke lehakwe la bohlokwa ho ya e newang; hohle moo e kenang, e a hlola.


Ba bangata ba qekisa motho e moholo, e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang.


Hobane kamoo le nahanang pelong ya lona kateng, le jwalo. Le tla re ho wena: Ja, o nwe; empa pelo ya lona ha e ho wena.


Ke tla di disa makgulong a matle, metebo ya tsona e tla ba dithabeng tse phahameng tsa Iseraele; di tla botha teng metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.


Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,


Hobane a ke ke a re letho ka selekane; o tla sebetsa ka mano, o tla futuha, a hlole ka batho ba se bakae.


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


le mobu ke o jwang, kapa ke o nonneng, kapa ke o otileng; kapa difate di teng, kapa ha di yo. Ipheng matla, mme le nke ditholwana tse ding tsa naha eo. Mohlang oo, e ne e se e le nako ya dithakangwaha tsa morara.


Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ