Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela; empa ho itswe: O tla biletswa leloko le tswang ho Isaaka:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Leha e le kahobane e le leloko la Abrahama, hase bana bohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Leha e le kahobane e le leloko la Abrahama, hase bana bohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:7
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


A mpa a re: Tjhe, ntate Abrahama, empa ekare ha e mong wa ba shweleng a ka ya ho bona, ba ka baka.


Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?


Empa eo e neng e le wa ya rekilweng, o tswetswe ka nama, mme eo e neng e le wa ya sa rekwang, yena o tswetswe ka pallo.


Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka.


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


eo ho neng ho lekanntswe yena, ha ho thwe: Ditloholo tsa hao, tse tlang ho bitswa ka lebitso la hao, di tla hlaha ka Isaaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ