Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Bonang, Sione ke bea lejwe le kgopang, lefika la kgopiso, empa ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:33
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo.


O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka!


O boloke moya wa ka, o ntopolle; ke se ke ka swaba, hobane ke beile tshepo ya ka ho wena.


Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.


Banabeso, takatso ya pelo ya ka, le thapello eo ke e etsetsang Baiseraele ho Modimo, ke hore ba bolokehe.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Mme nna, banabeso, hoja ke sa bolela lebollo, ekaba ke sa hlorisetswang? Athe kgopiso ya sefapano e ka be e tlohile.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ