Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ka baka lang? Kahobane ha ba ka ba ho batla ka tumelo, empa ba entse jwaloka hoja ba ka ho fumana ka mesebetsi ya molao; hobane ba kgopilwe lejweng la ho kgoptjwa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, e seng tumelo. Ba kgopilwe ke lejwe le kgopang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:32
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Ba bangata ba bona ba tla kgoptjwa, ba we, ba robehe, ba tshwaswe, ba tshwarwe.


Mme ba kgoptjwa ho yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho haese naheng ya habo le tlung ya hae.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Mme ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna.


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


Empa ke re: Hleka ba kgopilwe ho wela ruri na? Ntho e jwalo e be hole! Empa ka ho kgoptjwa ha bona, poloko e fihletse baditjhaba, ba tle ba ba tsose ka mona.


Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ