Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ho jwalokaha Esaia a kile a bolela pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re: “Hoja Morena wa mabotho a sa ka a re siela mahlatsipa, re ka be re le ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Jwalokaha Esaia a ne a boletse pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a sa ka a re siela leloko, re ka be re bile jwaloka Sodoma, ra ba ra tshwana le Gomora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Jwalokaha Esaia a ne a boletse pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a sa ka a re siela leloko, re ka be re bile jwaloka Sodoma, ra ba ra tshwana le Gomora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Jwalokaha ho kile ha eba mohla Modimo o ripitlang Sodoma le Gomorra, le mathoko a teng, ho bolela Jehova, ka mokgwa o jwalo, ha ho ka ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;


Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Ke ne ke hlahise ditshenyo hara lona jwaloka mohla Modimo o senyang Sodoma le Gomorra, mme le pholohile jwaloka lefatsa le ntshitsweng mollong; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Naha e bapaneng le lewatle e tla fetoha makgulo a badisa le masaka a dinku.


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ