Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, hase taba ya ya ratang, leha e le ya ya mathang, empa e le ya Modimo o hauhelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Jwale, ha se ka ya ratang, leha e le ka ya mathang, empa e le ya Modimo o mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Jwale, ha se ka ya ratang, leha e le ka ya mathang, empa e le ya Modimo o mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona,


Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.


Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —


ka nyolohela teng ka tshenolo. Ka beela badumedi, haholo bao e leng dihlooho, Evangeli eo ke e rutang hara baditjhaba, ka re, esebe ke tla mathela lefeela, kapa ke se ke le mathetse.


Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo:


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ