Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke bolela nnete pela Kreste, ha ke etse leshano, letswalo la ka le emelana le nna ka Moya o Halalelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ke bua nnete ka Kreste, ha ke bue leshano, letswalo la ka le ntse le mpakela ka Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke bua nnete ka Kreste, ha ke bue leshano, letswalo la ka le ntse le mpakela ka Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Modimo oo ke o sebeletsang moyeng wa ka Evangeling ya Mora wa wona, ke wona paki ya ka ha ke re, ha ke lese ho le hopola,


Ba bonahatsa hobane mosebetsi wa molao o ngodilwe dipelong tsa bona, ba ntse ba pakelwa ke letswalo le ke mehopolo ya bona e ba kgalemelang, kapa e ba emelang,


Le wona Moya o emelana le moya wa rona, hore re bana ba Modimo.


ha ke re: Ke utlwa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ya ka.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;


Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.


Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.


Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.


Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.


Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.


Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


Ke o laela pela Modimo le Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore taba tseo o di ele hloko, mme o se ke wa phaka wa ahlola, leha e le ho ya ka tshobotsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ