Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka la hao re ntse re bolawa letsatsi lohle; re nkwa re le dinku tse hlajwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka la hao re ntse re bolawa letsatsi lohle; re nkwa re le dinku tse hlajwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:36
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Masapo a rona a hasane molomong wa nqalo ya bafu, jwaloka lefatshe ha le lengwa, leha le phophothwa.


O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;


Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.


A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!


Ke tla ba theosetsa hlabong jwaloka dinku, jwaloka diphooko hammoho le dipheleu.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.


Mme le rona re ipeile dikotsing keng ka dinako tsohle?


Ke shwa ka matsatsi wohle; ke omela jwalo ka sebaka sa ho ithorisa seo ke nang le sona ka lona ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.


Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;


ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ