Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste? A ke matshwenyeho, kapa ditsietsi, kapa mahloriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste? A ke matshwenyeho, kapa ditsietsi, kapa mahloriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:35
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


Ke sa tswa ba feta, hang ka fumana ya ratwang ke moya wa me. Ka mo tshwara, mme ha ke a ka ka mo lesa, ke eso ho mo ise ka tlung ya mme, ka kamoreng ya ya nkemotseng.


Jehova o iponahaditse ho nna a le hole, a re: E, ke o rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo, ke tla o bolokela mohau wa ka.


Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.


Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Mahlomola le ditlokotsi di be teng hodima moya wa motho ka mong ya etsang bobe, hodima Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.


Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.


Re kgathala ke ho sebetsa ka matsoho a rona; leha re sejwa, re hlohonolofatsa ba bang; leha re hloriswa, re mameletse.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;


Re hlomohile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; re bothateng bo boholo, empa ha re tele;


re a hloriswa, empa ha re lahlwe; re dihelwa fatshe, empa ha re timele;


mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ