Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Ke mang ya ka ba ahlolang, athe Kreste Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:34
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.


Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;


hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng.


empa Jehova a ke ke a mo tlohella matsohong a hae, a ke ke a mo tswa ha a ahlolwa.


Ya mpeang ya lokileng o haufi. Ya ka ntsekisang ke mang? A re itlhahiseng hammoho! Mohanyetsi wa ka ke mang? A atamele ho nna!


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.


Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.


Mme ya lekolang botebo ba dipelo, o tseba kgopolo ya Moya, hobane o ntse o rapella bahalaledi ka mokgwa o ratwang ke Modimo.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ