Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:23
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.


Hobane ha ba sa tla hlola ba eshwa; hobane ba tla tshwana le mangeloi, mme e tla ba bara ba Modimo, ha e se e le bara ba tsoho.


Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse.


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Ke motho ya soto hakakang! Ke mang ya tla ngkolla mmeleng wona wa lefu?


Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.


Ke ka hona le sa hlokeng mpho ya mohau leha e le nngwe, lona bao le lebeletseng ponahatso ya Morena wa rona Jesu Kreste;


e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.


Hobane esale re fihla Masedonia, nama ya rona ha e a ka ya phomola le hanyenyane; ra mpa ra hlomoha ka nqa tsohle; kantle e bile dintwa, kahare ya eba ditshoho.


Empa rona, re lebeletse ka Moya tshepo ya ho loka ho tswang tumelong.


e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona.


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ