Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.


Mme Kreste, e leng bophelo ba lona, mohla a hlahang, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


O le bileditse hona ka Evangeli ya rona, le tle le rue kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ