Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nthute ho etsa ho ratwang ke wena, hobane o Modimo wa ka. Moya wa hao o molemo o ke o ntsamaise naheng ya ho loka.


Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.


Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.


Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.


Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;


Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.


Hobane ba tsamayang ka nama ba ithatela dintho tsa nama, empa ba tsamayang ka moya ba ithatela tsa moya.


Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Mme bakeng seo, ba neng ba boleletswe ha thwe: Lona, ha le setjhaba sa ka, hona teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.


ke ho re, bao e leng bana ba nama hase bona e leng bana ba Modimo; empa bana ba pallo ke bona ba balwang leloko.


mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.


Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana.


Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!


Mme ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la kgodisa ditakatso tsa nama.


Ekare ha le tsamaiswa ke Moya, ha le pusong ya molao.


Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Mme ya bolokang ditaelo tsa wona o dutse ho wona, le wona o dutse ho yena, mme hoo re tsebang ka hona hobane o dutse ho rona, ke ka Moya oo o re neileng wona.


Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ