Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane, eitse ha re ne re sa le nameng, maikutlo a dibe, a halefiswang ke molao, a ne a sebetsa dithong tsa rona a tle a hlahise ditholwana tsa lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ha re ne re sa ntsane re phela ka tsa botho, ditakatso tsa sebe tse leotswang ke Molao di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di tle di etse mosebetsi wa lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Hobane mohla re sa le nameng, ditakatso tsa sebe, tse tswetsweng ke molao, di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di behe ditholwana tsa lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane mohla re sa le nameng, ditakatso tsa sebe, tse tswetsweng ke molao, di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di behe ditholwana tsa lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;


Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.


Ka baka leo, Modimo o ba neeletse ditakatsong tse dihlong; hobane hara bona basadi ba fetotse mokgwa wa bona wa hlaho ho etsa ka oo e seng wa hlaho.


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.


Tsenene ya lefu ke sebe, mme matla a sebe ke molao.


Hobane leha re tsamaya re le nameng, ha re lwane ka nama;


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


Ka baka leo, le ke le hopole hobane lona bao pele le neng le le baditjhaba ka nama, le neng le bitswa maqai ke ba bitswang babolli ka lebollo le etswang nameng ka matsoho;


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Dintwa le diphapang tse hara lona di tswa kae? Na ha di tswe ditakatsong tsa lona tse lwanang dithong tsa lona na?


E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ