Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Empa ke bona molao o mong dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o ntlisa kgolehong ya molao wa sebe o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ke bona molao o mong dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o ntlisa kgolehong ya molao wa sebe o dithong tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:23
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ntshe moya wa ka teronkong, ke tle ke rorise lebitso la hao! Ba lokileng ba tla tla ho nteela hare, hobane o tla nketsetsa mohau.


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.


Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.


Ke moo ke fumanang molao ka ho nna ya ratang ho etsa botle, wa hore bobe bo nkgomaretse.


Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona!


Hobane, eitse ha re ne re sa le nameng, maikutlo a dibe, a halefiswang ke molao, a ne a sebetsa dithong tsa rona a tle a hlahise ditholwana tsa lefu.


Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.


Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Dintwa le diphapang tse hara lona di tswa kae? Na ha di tswe ditakatsong tsa lona tse lwanang dithong tsa lona na?


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ