Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:18
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Na ho ka ntshuwa motho ya hlwekileng mothong ya ditshila? Le hanyenyane.


Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?


Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao.


Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.


Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.


Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!


Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,


Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;


Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!


Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.


Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona ke a bo etsa.


Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona!


Hobane, eitse ha re ne re sa le nameng, maikutlo a dibe, a halefiswang ke molao, a ne a sebetsa dithong tsa rona a tle a hlahise ditholwana tsa lefu.


Hobane nama e na le ditakatso tse lwantshang Moya, mme le wona Moya o na le ditakatso tse lwantshang nama; mme ntho tseo di emellane ho lwantshana, hore le tle le se ke la etsa tseo le di ratang.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ