Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Hobane sebe, ka ho nka sebaka ka taelo, se ile sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane sebe, ka ho nka sebaka ka taelo, se ile sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:11
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova Modimo a bolella mosadi, a re: Na keng eo o e entseng? Mosadi a re: Noha e nthetsitse, mme ke jele.


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.


Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.


e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;


le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.


Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.


Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ