Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha fihlelwa jwalo hobane taelo e beilweng ho mphedisa, ke yona e mpolaileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 mme nna ka shwa. Taelo e neng e tshwanetse ho tlisa bophelo, ka fumana e ntlisetsa lefu,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Mme molao oo e neng e le ho phelisa, ka o fihlela lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mme molao oo e neng e le ho phelisa, ka o fihlela lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 7:10
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka ba ka ba nea dikomela tsa ka, ka ba tsebisa melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona.


Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.


Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.


Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.


Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.


Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;


Athe molao o hosele ho tumelo; o itse: Motho ya etsang ntho tseo o tla phela ke tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ