Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ka kolobetso re epetswe le yena, ra ba le kabelo lefung la hae, e le hore, jwalokaha Kreste a tsohile bafung ka matla a tlotlehang a Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tle re phele bophelo bo botjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:4
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.


Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.


Ana ha le tsebe hobane rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?


Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,


re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena.


Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.


Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;


Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Ya bolelang hore o dutse ho wona, e ka kgona a tsamaye ka mokgwa oo le yena Jesu a tsamaileng ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ