Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Empa ho lebohuwe Modimo, kahobane le ne le le bahlanka ba sebe, empa le mametse ka pelo yohle mokgwa wa thuto oo le o neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa ho lebohuwe Modimo, kahobane le ne le le bahlanka ba sebe, empa le mametse ka pelo yohle mokgwa wa thuto oo le o neilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:17
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;


Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.


Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.


eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


empa jwale se pepesitswe ke mangolo a baporofeta, mme, ka taelo ya Modimo o sa feleng, se senoletswe ditjhaba tsohle, di tle di finyelle kutlong ya tumelo;


empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.


Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.


Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?


Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!


ha ke lese ho leboha ka lona, ke ntse ke le hopola merapelong ya ka,


Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste.


Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka,


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,


Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?


Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


Hobane ke thabile haholo ha baena ba fihlileng mona ba pakile nnete ya hao, kamoo o tsamayang nneteng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ