Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane sebe se ke ke sa le busa, hobane ha le tlasa molao, empa le le tlasa mohau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:14
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla tswa ho wena, yena le bana ba hae, mme o tla kgutlela mofuteng wa hae, le lefeng la bontatae.


O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.


O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,


Hobane ekare haele ka baka la ho tlola ha motho a le mong lefu le busitseng ka motho eo a le mong, haholo ba fuwang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka motho a le mong, e leng Jesu Kreste.


Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.


Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.


Mme keng? Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ya molao, re mpa re le pusong ya mohau na? Tjhe, ho se ke ha eba jwalo!


Ka baka leo, banabeso, ha re molato ho nama, hore re phele ka thato ya nama.


Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.


Enere ha tumelo e eso ho tle, re ne re lebelwa ke molao, re hlahletswe ho wona, ho ntse ho lebeletswe tumelo e tlang ho bonahala.


Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, hleka ha le utlwe molao na?


Ekare ha le tsamaiswa ke Moya, ha le pusong ya molao.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ