Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Erekaha jwale re lokafaditswe ka madi a hae, re tla pholoswa ka yena bohaleng ba Modimo ho feta hakaakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Ha ho le jwalo, kaha jwale re se re lokile ka madi a hae, re tla pholoswa haholo ka yena kgalefong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ha ho le jwalo, kaha jwale re se re lokile ka madi a hae, re tla pholoswa haholo ka yena kgalefong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.


Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


Hobane esitile re sa ntse re le dira, re bile ra boelanngwa le Modimo ka ho shwa ha Mora wa wona, haholo jwale, ha re se re boelantswe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!


Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.


Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.


Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ