Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Jwalokaha bohle ba ahlotswe ka baka la tshito ya motho a le mong, ka mokgwa o jwalo bohle ba lokafatswa le ho phediswa ka ketso e lokileng ya motho a le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Ka baka leo, jwalokaha kahlolo e wetse batho bohle ka tlolo e le nngwe, hore ba ahlolwe; jalo he, ka tshiamo ya motho a le mongwe fela neo ya mahala e ne ya tlela batho botlhe tshiamiso ya botshelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ka baka leo, jwalokaha kahlolo e wetse batho bohle ka tlolo e le nngwe, hore ba ahlolwe; jalo he, ka tshiamo ya motho a le mongwe fela neo ya mahala e ne ya tlela batho botlhe tshiamiso ya botshelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena.


Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.


Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.


le hoba e mong le e mong ya dumelang ho yena o bewa ya lokileng nthong tseo le neng le sitwa ho bewa ba lokileng ho tsona ke molao wa Moshe.


eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.


Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.


Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.


Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle le jwale ba tla boela ba phele ka Kreste.


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ