Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Leha ho le jwalo, lefu le kile la busa ho tloha ho Adama ho isa ho Moshe, la eba ho ba sa kang ba sitwa ka ho tlola ho tshwanang le ha Adama, eo e leng setshwantsho sa ya neng a tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Leha ho le jwalo, lefu le ile la busa ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka tshito e tshwanang le ya Adama. Adama eo o tshwantsha ya neng a tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Leha ho le jwalo, lefu le ne le busa ho tloha ho Adama ho isa ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka ho tshwana le sebe sa Adama, eo e leng setshwantsho sa ya neng a tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Leha ho le jwalo, lefu le ne le busa ho tloha ho Adama ho isa ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka ho tshwana le sebe sa Adama, eo e leng setshwantsho sa ya neng a tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 5:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.


Kaine a bua le Abele moenae; mme ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moenae matla, a mmolaya.


Dintho tsohle tse neng di na le phefumoloho ya ho phela dinkong tsa tsona, kaofela ha tse dutseng moo ho omileng tsa eshwa.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!


Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.


Hobane ekare haele ka baka la ho tlola ha motho a le mong lefu le busitseng ka motho eo a le mong, haholo ba fuwang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka motho a le mong, e leng Jesu Kreste.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;


Hobane re a tseba hore tse bopilweng tsohle di ntse di fehelwa, di bile di tsietsing hammoho, ho fihlela jwale.


Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle le jwale ba tla boela ba phele ka Kreste.


Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ