Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Hobane molao o hlahisa kgalefo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane molao o hlahisa kgalefo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:15
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.


Ka baka leo, le itlame matheka ka lesela le mahwashe, le lle, le bokolle, hobane bohale bo tjhesang ba Jehova ha bo a re kgutlela.


O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.


Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.


Hojane ke se ke ka tla, ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe; empa jwale, ha ba na seo ba ka qobeletsang sebe sa bona ka sona.


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane molao o eso ho fihle, sebe se ne se ntse se le teng lefatsheng. Empa sebe ha se ballwe motho, ha molao o le siyo.


Tsenene ya lefu ke sebe, mme matla a sebe ke molao.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.


Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.


Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.


E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ