Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 e be ntate le wa ba lebollo, ke ho re, wa bao e seng ba lebollo feela ba mpang ba tsamaya le ka mehlala ya tumelo eo ntata rona Abrahama a bileng le yona, ha a eso ho bolle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 le ntata ba lebollo ho bao e seng ba lebollo feela, empa le ba tsamayang ka mehlala ya tumelo ya ntata rona Abrahama, eo a bileng le yona a eso bolle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Le ntata ba lebollo ho bao e seng ba lebollo feela, empa le ba tsamayang ka mehlala ya tumelo ya ntata rona Abrahama, eo a bileng le yona a eso bolle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 4:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela.


Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.


Ka baka leo, tsamaya ka mehlala ya batho ba molemo, u tiisetse tseleng ya ba lokileng;


Ha o sa tsebe, wena e motle hara basadi, o latele mehlala ya dinku, o fudise dipotsanyane tsa hao pela maphephe a badisa. —


Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


A ntoo fuwa letshwao la lebollo, e tle e be tiiso ya ho loka ha tumelo, hoo a bileng le hona ha a eso ho bolle; e tle e be yena ntata bohle ba dumelang, leha ba sa ka ba bolla, hore le bona ba tle ba ballwe ho loka;


Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.


Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na?


Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ