Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Joale ho ithorisa ho kae? Ha e kenyelelitsoe. Ka molao ofe? ea mesebetsi? Che, empa ka molao oa tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Joale ho ithorisa ho kae? Ha e kenyelelitsoe. Ka molao ofe? ea mesebetsi? Che, empa ka molao oa tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 3:27
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa.


Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.


Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Bona, o na le lebitso la Mojuda; o tshepile molao; o ithorisa ka Modimo;


Wena ya ithorisang ka molao, o hlompholla Modimo ka ho tlola molao!


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.


Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.


Ke moo ke fumanang molao ka ho nna ya ratang ho etsa botle, wa hore bobe bo nkgomaretse.


empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.


Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona!


Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.


Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —


athe Baiseraele ba neng ba batla molao wa ho loka, ha ba ka ba fihlela molao wa ho loka.


Ka baka lang? Kahobane ha ba ka ba ho batla ka tumelo, empa ba entse jwaloka hoja ba ka ho fumana ka mesebetsi ya molao; hobane ba kgopilwe lejweng la ho kgoptjwa;


Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?


athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ