Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 3:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba mpa ba bewa ba lokileng ke mohau wa wona feela, ka topollo e leng ho Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 ba lokafatswa ntle ho tefo ka mohau wa hae ka topollo e ho Kreste Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 ba lokafatswa ntle ho tefo ka mohau wa hae ka topollo e ho Kreste Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 3:24
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iseraele, o itshepele Jehova, hobane mohau o teng ho Jehova; topollo e kgolo e teng ho yena.


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


athe re dumela hobane re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwaloka bona?


Ha ho le jwalo, majalefa ke wona ka tumelo, hore e tle e be ka mohau; pallo e tle e tiye ho leloko lohle la Abrahama; e seng ho leloko leo e leng lona ka molao feela, empa e be le ho leo e leng lona ka tumelo ya Abrahama, ntata rona bohle,


Haele moputso wa ya sebetsang, ha o balwe hore ke mohau empa ho thwe, ke molato.


Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


eo re nang le topollo ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe.


ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ