Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Empa ekare ha leqai le boloka ditaelo tsa molao, na boqai ba lona bo ke ke ba balwa jwaloka hoja ke lebollo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Ha ho le jwalo, ha ya sa bollang a boloka ho loka ha molao, na ho se bolle ha hae ho ke ke ha balwa ho bolla na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ha ho le jwalo, ha ya sa bollang a boloka ho loka ha molao, na ho se bolle ha hae ho ke ke ha balwa ho bolla na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:26
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.


Efela lebollo le na le molemo, ha o etsa ka molao; empa ekare ha o le ya tlolang molao, lebollo la hao etlaba le fetohile boqai.


Mme eo e sa leng a hlaha a sa ka a bolla, ekare ha a etsa ka molao, na a ke ke a o ahlola, wena ya tlolang molao, leha o na le letere ya molao le lebollo na?


Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.


ho loka ha molao ho tle ho phethwe ka ho rona ba sa tsamayeng ka nama, re mpang re tsamaya ka moya.


Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.


Ka baka leo, le ke le hopole hobane lona bao pele le neng le le baditjhaba ka nama, le neng le bitswa maqai ke ba bitswang babolli ka lebollo le etswang nameng ka matsoho;


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.


Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ