Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O hloma eka o motsamaisi wa difofu le lesedi la ba leng lefifing,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 O ikgodisitse hore o motsamaisi wa difofu, lesedi la ba lefifing,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 O itshepetse hoba wena o moetapele wa difofu, lesedi la ba lefifing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 O itshepetse hoba wena o moetapele wa difofu, lesedi la ba lefifing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:19
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!


Dibohodi tsa hae ke difofu kaofela; ha di lemohe letho, ke dintja tse dimumu, tse sitwang ho bohola: di lora di bothile, di rata boroko.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


setjhaba se neng se dutse lefifing, se bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng ya lefu le moriting wa lona.


Le lesedi la lefatshe. Motse o beilweng hodima thaba, ha o na ho patwa.


Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


o tseba thato ya wona, o tseba le ho kgetha se sa dumellaneng le yona, etswe o rutilwe ke molao.


le moeletsi wa ba sa tsebeng letho, le moruti wa dithoto, kahobane molaong o neilwe thuto e nepehileng ya tsebo le ya nnete.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ