Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:16
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.


Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Hobane ha ho letho le sephiring, le sa tlo ka le bonahala, mme ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le tsejwa le ho hlahela pepeneng.


Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


(Ke bolela ka mokgwa wa batho.) Ho se ke ha thualo! Hobane hojane ho le jwalo, na Modimo o bo o tla ahlola lefatshe jwang?


Hape, banabeso, ke le hopotsa Evangeli eo ke seng ke le boleletse yona, eo le e amohetseng, eo le tiisetsang ho yona,


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Banabeso, ke le hopotsa hoba Evangeli eo ke le boleletseng yona, ha e ye ka ho ya ha motho:


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng;


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ