Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba bonahatsa hobane mosebetsi wa molao o ngodilwe dipelong tsa bona, ba ntse ba pakelwa ke letswalo le ke mehopolo ya bona e ba kgalemelang, kapa e ba emelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 ba bonahatsang mosebetsi wa molao o ngodilweng dipelong tsa bona, le matswalo a bona a ntse a paka, mme mehopolo ya bona e ntse e qosa, leha e le ho lokafatsana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ba bonahatsang mosebetsi wa molao o ngodilweng dipelong tsa bona, le matswalo a bona a ntse a paka, mme mehopolo ya bona e ntse e qosa, leha e le ho lokafatsana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:15
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng.


Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.


Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.


hobane pelo ya hao e tseba makgetlo a mangata ao le wena o sebileng ba bang ka wona.


Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


hobane baditjhaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona.


Mme eo e sa leng a hlaha a sa ka a bolla, ekare ha a etsa ka molao, na a ke ke a o ahlola, wena ya tlolang molao, leha o na le letere ya molao le lebollo na?


Ke bolela nnete pela Kreste, ha ke etse leshano, letswalo la ka le emelana le nna ka Moya o Halalelang,


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe;


Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ