Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yena o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Le tle le mo amohele Moreneng, ka mokgwa o tshwanelang bahalaledi, mme le mo thuse mosebetsing ofe kapa ofe oo a o hlokang ho lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le tle le mo amohele Moreneng, ka mokgwa o tshwanelang bahalaledi, mme le mo thuse mosebetsing ofe kapa ofe oo a o hlokang ho lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:2
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


Le amohelane ke hona, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse, e be tlotliso ya Modimo.


Ntumedisetseng Filologe, le Julia, le Nerea, le ngwanabo, le Olimpa, le bahalaledi bohle ba nang le bona.


Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.


Ntumedisetseng Maria, ya re sebeleditseng haholo.


Ntumedisetseng Urbane, motlatsi wa rona mosebetsing wa Kreste, le Stakise, moratuwa wa ka.


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,


Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo.


Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.


e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo.


Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


Mo amohele hle, hobane ke pelo ya ka ka sebele.


Jwale he, ha ke le motswalle wa hao, mo amohele hle, jwaloka hoja e le nna.


Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ