Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Hobane kutlo ya lona e hlahetse batho bohle. Ke le thabela ke hona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane kutlo ya lona e hlahetse batho bohle. Ke le thabela ke hona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ