Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ntumedisetseng Apelle, ya kgabane ho Kreste. Ntumedisetseng le ba ha Aristobule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Dumedisang Apelese, ya bontshitseng botshepehi ba hae ho Kreste. Dumedisang ba lelapa la Arisetobulose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ntumedisetseng Apelese ya kgabane ho Kreste. Ntumedisetseng ba ntlo ya Aristobulose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ntumedisetseng Apelese ya kgabane ho Kreste. Ntumedisetseng ba ntlo ya Aristobulose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.


Ntumedisetseng Prisila le Akila, batlatsi ba ka ho Jesu Kreste;


Ntumedisetseng Andronika le Juniase, batswala ba ka, ba kileng ba tlangwa le nna, mme ba tumile hara baapostola, mme e bile ba pele ho nna ho Kreste.


Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —


etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.


Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.


Le bona ba tshwanetse ho lekwa pele, ba ntoo bewa bahlanka, ha ba se na sekodi.


Dumedisa Priska le Akila, le ba ntlo ya Onesifore.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ