Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane Kreste le yena ha a ka a batla tse mo kgahlisang, empa ho bile jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dikomang tsa ba o rorelang di nkwetse hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Dinyefolo tsa ba o nyefolang, le nna di nkwetse hodimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane le yena Kreste ha a ka a ikhahlisa; empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dinyefolo tsa ba o nyefotseng di ile tsa nkwela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane le yena Kreste ha a ka a ikhahlisa; empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dinyefolo tsa ba o nyefotseng di ile tsa nkwela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.


Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.


Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Disenyi tse thakgisitsweng le yena, le tsona di ne di mo hlapaola jwalo.


Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.


Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.


Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;


Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ