Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:16
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano;


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.


Mme ke tseba hore ha ke etla ho lona, ke tla tla ka hlohonolofatso e ngata ya Evangeli ya Kreste.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.


Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng.


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


Le lona, banabeso, le sa hopotse mosebetsi le mofufutso wa rona, kamoo re le boleletseng Evangeli ya Modimo kateng, re ntse re sebetsa motshehare le bosiu, re tle re se ke ra imetsa motho, leha a le mong, hara lona.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.


Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ