Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Hobane Kreste o shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane Kreste o shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:9
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na?


Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ