Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.


Moshe a re: Bo jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha ya Jehova, kajeno le ke ke la bo fumana naheng.


Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?


Le dipitsa tsohle tsa Jerusalema le tsa Juda e tla ba ntho tse kgethetsweng Jehova wa makgotla; bohle ba etsang mahlabelo ba tla tla ba nke ho tsona, ba be ba apehe ka tsona; mme ha ho sa tla hlola ho eba Mokanana tlung ya Jehova wa makgotla, ka tsatsi leo.


Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.


Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata.


Ba re ho yena: Re tla etsang hore re sebetse mesebetsi ya Modimo na?


Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ